10. wa etsa dipontsho le mehlolo hodima Faro le hodima bahlanka ba hae bohle le hodima setjhaba sohle sa lefatshe la hae; hobane o ne o tseba kamoo ba ba entseng ka boikgohomoso kateng; yaba o iketsetsa botumo kamoo bo ntseng bo le kateng le kajeno.
11. Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.
12. Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
13. Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.
14. Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.
15. Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.
16. Empa bontata rona ba ikgohomosa; ba satalatsa melala ya bona, mme ha ba ka ba utlwa ditaelo tsa hao;
17. ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.
18. Eitse le mohla ba neng ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba re: Ke wona Modimo wa lona o le nyolotseng Egepeta; leha ba kile ba o phephetsa hakalo,
19. ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.
20. O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.
21. Ka dilemo tse mashome a mane, o nnile wa ba otla feelleng; ha ba ka ba hloka letho; diaparo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le maoto a bona ha a ka a ruruha.
22. Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.
23. Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.
24. Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.
25. Ba nka metse e marako le naha e nonneng, ba rua matlo a tletseng menono ya mefuta yohle, le didiba tse tjhekilweng, le merara, le mehlwaare, le difate tse ngata tse beang ditholwana; ba eja, ba kgora, ba nona, mme ba phela menyakeng yohle ka baka la molemo wa hao o moholo.
26. Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.