Nehemia 7:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane lerako le phethehe, ka kenya mamati a menyako, mme balebedi ba bewa kabelong ya bona, le tsona dibini, le Balevi.

2. Ka bea Hanani ngwaneso, le Hanania, molaodi wa qhobosheane, hore ba lebele Jerusalema; hobane e ne e le monna wa sebele, ya tshabang Modimo ho feta,

3. ka re ho bona: Menyako ya Jerusalema e se ke ya bulwa haese ha letsatsi le se le futhumetse; ha lona le sa ntsane le eme teng, ho ke ho kwalwe menyako, mme e tiiswe ka mekwallo; ba ahileng Jerusalema le ba etse balebedi, e mong le e mong sehlopheng sa hae, e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.

Nehemia 7