Nehemia 6:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ka re: Hleka motho ya kang nna a ka baleha na? Mme o kae motho ya kang nna ya ka kenang tempeleng, hore a phele? Nke ke ka ba ka kena teng.

12. Ka tseba hoba Modimo ha o a ka wa mo roma, a mpile a boletse boporofeta boo ho ntwantsha ka jona, kahobane Sanballate le Tobia ba ne ba mo lefa.

13. Seo a neng a lefelwa sona, e ne e le hore ke tshabe, mme ke etse sebe ka ho etsa jwalo, ba tle ba fihlele seo ba ka senyang lebitso la ka ka sona, ka ho nketselletsa.

14. Oho, Modimo wa ka, hopola Tobia le Sanballate le diketso tsa bona, le yena Noadia moporofeta wa mosadi, le baporofeta ba bang ba lekileng ho ntshabisa!

15. Haele lerako, la phetheha ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi ya Elule, le sebeditswe ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi.

Nehemia 6