15. Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlasa letsatsi, haese ho ja le ho nwa le ho itumela; ke seo a se sietsweng bakeng sa mokgathala wa hae wa matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo o mo neileng wona tlasa letsatsi.
16. Eitse ha ke sekeha pelo ya ka hore ke tsebe bohlale, mme ke nahana mesebetsi e etswang lefatsheng, ke sa nee mahlo a ka boroko motshehare, leha e le bosiu,
17. ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi yohle ya Modimo motho a ka sitwa ho utlwisisa mosebetsi le o mong o etswang tlasa letsatsi; leha motho a ka ikgathatsa jwang le jwang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ya bohlale a ka re, o a tseba, a ke ke a utlwisisa.