Moeklesia 3:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ka ba ka re pelong ya ka: Modimo o tla ahlolela ya lokileng le e mobe, etswe merero yohle le mesebetsi yohle e beetswe nako ya yona.

18. Ka boela ka re pelong ya ka: Taba di jwalo ka baka la bana ba batho; Modimo o a ba leka, hore ba bone hoba ba ntse ba tshwana le diphoofolo.

19. Hobane kotsi e hlahelang bana ba batho, e jwalo e hlahela le diphoofolo: bobedi ba bona bo hlahelwa ke kotsi e le nngwe. Mokgwa oo motho a shwang ka wona, le yona phoofolo e shwa jwalo; moya wa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng, etswe tsohle e le lefeela.

20. Tsohle di ikela nqalong e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.

21. Ke mang ya tsebang haeba moya wa bana ba batho o nyolohela hodimo, kapa ha moya wa phoofolo o theohela tlase lefatsheng?

22. Ha ho le jwalo, ka bona hobane ha ho molemo o fetang wa hore motho a thabele mesebetsi ya hae, hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng. Hobane a ka latwa ke mang, hore a tle ho bona se tla hlaha a se a le siyo?

Moeklesia 3