Moeklesia 3:16-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka boela ka tadima tlasa letsatsi, ka bona bokgopo bo le teng nqalong ya kahlolo, le tulong tsa ho loka ka bona bokgopo.

17. Ka ba ka re pelong ya ka: Modimo o tla ahlolela ya lokileng le e mobe, etswe merero yohle le mesebetsi yohle e beetswe nako ya yona.

18. Ka boela ka re pelong ya ka: Taba di jwalo ka baka la bana ba batho; Modimo o a ba leka, hore ba bone hoba ba ntse ba tshwana le diphoofolo.

Moeklesia 3