5. Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.
6. Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.
7. Kannete lesedi le monate, mme, mahlo a rata ho bona letsatsi;
8. leha ho le jwalo, le hoja motho a ka phela ka dilemo tse ngata, a thaba ka tsona kaofela, a mpe a hopole le tshiu tsa lefifi, etswe di tla ba ngata. Tsohle tse tla hlaha ke lefeela.