Mattheu 9:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ha ho motho ya ka beang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsweng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho.

17. Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.

18. A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele.

19. Yaba Jesu o a tloha, a ya le yena, le barutuwa ba hae.

20. Jwale, mosadi ya neng a ntse a kgathatswa ke phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi, a mo hlaha kamorao, a ama qola ya kobo ya hae.

21. Hobane o ne a re ka ho yena: Ha nka ama kobo ya hae feela, ke tla fola.

22. Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.

23. Jesu ha a fihla tlung ya kgosana, a bona ba teang diphala le batho ba bangata ba etsang lerata le leholo.

24. A re ho bona: Tlohang, hobane morwetsana ha a shwa, o mpa a robetse. Mme ba mo tsheha.

25. Yare ha a ntsheditse bongata boo ntle, a kena, a mo tshwara ka letsoho, mme morwetsana a tsoha.

26. Mme taba eo ya tuma lefatsheng leo lohle.

Mattheu 9