Mattheu 8:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.

18. Jesu ha a bona hobane matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela barutuwa hore ba mo tshedisetse mose.

19. Ebile e mong, e leng mongodi, o mo atamela, a re ho yena: Moruti, moo o yang teng, leha e le kae le kae, ke tla o latela.

20. Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.

21. E mong wa barutuwa a re ho yena: Morena, ntumelle, ke ye ho epela ntate pele.

22. Empa Jesu a re ho yena: Ntatele, o lese bafu ba epele bafu ba bona.

23. Eitse ha a kene sekepaneng, barutuwa ba hae le bona ba kena.

24. Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepana sa ba sa apeswa ke maqhubu a metsi; empa Jesu yena o ne a robetse.

25. Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose; re a timela!

26. A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.

27. Batho bao ba tsota haholo, ba re: Enwa ke ya jwang, ha a utluwa le ke meya le lewatle?

28. Yare ha a fihlile mose wane, naheng ya Bagadarene, a kgahlanyetswa ke batho ba babedi ba nang le batemona, ba tswa mabitleng; e ne e le ba hlanyang hampe, hoo ho neng ho se motho ya ka betang pelo ho feta ka tsela eo.

29. Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?

Mattheu 8