Mattheu 6:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng, jwalokaha e etswa lehodimong;

11. o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;

12. o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;

13. o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]

14. Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela le lona;

15. empa ekare ha le sa tshwarele batho ditlolo tsa bona, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.

16. Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

17. Haele wena, enore ha o itima dijo, o itlotse hlooho, o iphotle sefahleho;

18. o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

19. Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.

20. Le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng mashodu a fatang, a utswang.

21. Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng.

22. Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi.

23. Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Mme jwale, ha lesedi le leng ho wena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!

Mattheu 6