Mattheu 6:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Iponeleng, le tle le se ke la hlahisa ho loka ha lona pontsheng ya batho, hore le bonwe ke bona; ha ho le jwalo, ha le ka ke la newa moputso ke Ntata lona ya mahodimong.

2. Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

3. Empa wena, ha o etsa thuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona la hao,

4. hore thuso ya hao e be sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

Mattheu 6