Mattheu 5:33-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.

34. Empa nna, ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le ho leka; leha e le ka lehodimo, hobane ke terone ya Modimo;

35. leha e le ka lefatshe, hobane ke bonamelo ba maoto a wona; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse wa morena e moholo.

Mattheu 5