Mattheu 28:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Balebedi ba thothomela ke ho le tshoha, ba eba jwaloka bafu.

5. Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.

6. Ha a sa le mona, hobane o tsohile jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a beilwe ho yona.

7. Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse.

8. Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.

9. Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.

10. Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.

11. Hobane ba tlohe, ba bang ho balebedi ba tla hae motseng, ho behela baprista ba baholo tsohle tse hlahileng.

Mattheu 28