12. ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!
13. A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?
14. Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.
15. Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?
16. Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.
17. Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a sa le tseleng, a nkela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi thoko, a re ho bona:
18. Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi; ba tla mo ahlolela lefu.
19. Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
20. Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.
21. Jesu a re ho yena: O batlang? Eo a mmolella, a re: Ako re, bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
22. Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.