Mattheu 19:20-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Mohlankana eo a re ho yena: Ke e bolokile kaofela esale bonyenyaneng ba ka ho fihlela jwale; na ke sa hlokang?

21. Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

22. Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.

23. Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.

24. Ke pheta ke re ho lona: Ho ka ba bonolo ha kamele e kena ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa mahodimo.

25. Barutuwa ba hae, ha ba utlwa a rialo, ba tsota haholo, ba re: Ha ho le jwalo, ho ka bolokeha mang na?

26. Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.

Mattheu 19