Mattheu 18:21-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Yaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tshwarela hakae na? E tla ba hasupa na?

22. Jesu a re ho yena: Ke re ho wena: E se ke ya eba hasupa, e mpe e be ha mashome a supileng a balwang hasupa.

23. Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae.

24. Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;

25. mme kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, a re, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo.

26. Empa mohlanka eo a kgumama pela hae, a mo rapela, a re: Morena, o ke o nthekolohele, mme ke tla o lefela hohle.

27. Morena wa mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lesa, a mo leballa molato.

Mattheu 18