7. Empa Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshaba.
8. Ha ba emisa mahlo, ha ba ka ba hlola ba bona motho, haese Jesu a nnotshi.
9. Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.
10. Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Na ke ho reng, ha bangodi ba re: E ka kgona Elia a tle pele?
11. Jesu a araba, a re ho bona: Kannete Elia o tshwanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng.
12. Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.
13. Jwale, barutuwa ba utlwisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.
14. Eitse ha ba etla ho bongata, motho a mo atamela, a mo kgumamela ka mangwele,
15. a re: Morena, utlwela mora ka bohloko; hobane o jewa ke sethwathwa, mme o kula hampe; hobane hangata o wela mollong, mme hangata a wele metsing.
16. Ke se ke mo hlahisitse ho barutuwa ba hao, empa ha ba ka ba tseba ho mo fodisa.