Mattheu 17:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Morena, ho molemo ha re ka dula mona; ha o rata, a re keng re etse metlotlwane e meraro mona: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia.

5. A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!

6. Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo.

7. Empa Jesu a atamela, a ba ama, a re: Tsohang, le se ke la tshaba.

8. Ha ba emisa mahlo, ha ba ka ba hlola ba bona motho, haese Jesu a nnotshi.

9. Yare ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Pono eo le se ke la e bolella motho, Mora motho a eso ho tsohe bafung.

10. Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Na ke ho reng, ha bangodi ba re: E ka kgona Elia a tle pele?

11. Jesu a araba, a re ho bona: Kannete Elia o tshwanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng.

12. Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mora motho le yena o tla utlwiswa bohloko jwalo ke bona.

13. Jwale, barutuwa ba utlwisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.

Mattheu 17