Mattheu 17:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.

18. Mme Jesu a kgalemela motemona haholo; motemona a tswa ngwaneng eo, mme ngwana a fola ka yona nako eo.

19. Yaba barutuwa ba tla ho Jesu kathoko, ba re ho yena: Na re kile ra sitwa keng ho leleka motemona eo?

20. Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.

21. Empa mofuta oo wa batemona ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.

22. Ha ba sa ya le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.

23. Ba tla mmolaya, empa o tla tsoha ka tsatsi la boraro. Yaba barutuwa ba swaba haholo.

24. Eitse ha ba fihla Kapernauma, ha tla ho Petrose ba bokellang didrakema, ba re ho yena: Ana moruti wa lona ha a ntshe didrakema na?

25. A re: Tjhe, o a e ntsha. Eitse hobane a kene tlung, Jesu a mo qala, a re ho yena: Ho jwang ho wena, Simone? Marena a lefatshe a nka lekgetho la kgwebo le la lehae ho bafe? Na a ke ho bana ba wona, kapa a ke ho ba ditjhaba tse ding na?

26. Petrose a re ho yena: Ke ho ba ditjhaba tse ding. Jesu a re ho yena: Ha ho le jwalo bana bona ba lokolohile lekgethong.

27. Empa ka ho re, re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope teng, mme o tshwase hlapi e tla phahama pele; etlare ha o e ahlamisa molomo, o tla fumana tjhelete ya setatera teng; o e nke, o ba nee yona, e lefelle nna le wena.

Mattheu 17