Mattheu 15:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, bangodi le bafarisi ba tla ho Jesu, ba etswa Jerusalema, ba re ho yena:

2. Barutuwa ba hao ba tlolelang mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe, ba sa hatlela?

3. A araba, a re ho bona: Le lona, le tlolelang molao wa Modimo ka mokgwa oo le o neanang na?

4. Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe.

Mattheu 15