Mattheu 13:49-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,

50. mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

51. Jesu a re ho bona: Ana le utlwisisa taba tseo tsohle na? Ba re ho yena: E, Morena.

52. A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.

53. Yare ha Jesu a qetile ditshwantsho tseo, a tloha teng.

54. Mme hobane a fihle naheng ya habo, a ruta batho sinagogeng ya bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enwa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?

Mattheu 13