Mattheu 13:44-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

44. Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.

45. Mmuso wa mahodimo hape o jwaloka mohwebi ya batlang diperela tse ntle.

46. Hobane a fumane perela ya bohlokwa, a ya, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, mme a ithekela yona.

47. Hapehape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlowa le akgetsweng lewatleng, mme le bokella ntho tsa mefutafuta.

48. Ha le tletse, ba le hulela lebopong, ba ntoo dula, ba boloka tse ntle dipitseng tsa bona, ba lahla tse mpe.

Mattheu 13