Mattheu 13:16-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Empa mahlo a lona a lehlohonolo, hobane a bona, le ditsebe tsa lona di lehlohonolo, hobane di a utlwa.

17. Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.

18. Jwale lona, mamelang taba ya setshwantsho sa mojadi.

19. E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.

20. Ya amohetseng peo majweng, ke motho ya utlwang lentswe, ya phakisang a le amohela ka thabo;

21. a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.

22. Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang, lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.

23. Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.

24. Jesu a ba beela setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa ka motho ya jadileng peo e ntle tshimong ya hae.

25. Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.

26. Mme koro ha e se e hlahisitse lekgaba, e se e tswetse, mofoka le wona wa bonahala.

27. Bahlanka ba mong a ntlo ba tla, ba re ho yena: Morena, ha re re, o ne o jadile peo e ntle tshimong ya hao? Na mofoka oo e o nkile kae?

28. A re ho bona: Ke ketso ya sera. Bahlanka ba re ho yena: Na ha o rate ha re ya kga mofoka oo na?

29. A re: Tjhe, mohlomong ha le ekga mofoka, le ka tshoha le fothola le yona koro.

Mattheu 13