Mattheu 12:15-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.

16. A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela;

17. ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a itse:

18. Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.

19. Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng;

20. ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.

21. Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae.

22. Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona.

23. Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?

Mattheu 12