Mattheu 10:21-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ngwanabo motho o tla neela ngwanabo polaong, le ntata motho a etse ngwana hae jwalo; bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.

22. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

23. Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.

24. Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae, le mohlanka ha a moholo ho morena wa hae.

25. Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!

26. Le se ke la ba tshaba ke hona, hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa; mme ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le tsejwa.

27. Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.

28. Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.

29. Na dirobele tse pedi ha di rekwe ka peni e le nngwe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa wela fatshe, kantle ho Ntata lona.

30. Esita le qoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela.

31. Ka baka leo, le se ke la tshaba: le fetisa dirobele tse ngata.

32. E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, le nna ke tla mmolela pela Ntate ya mahodimong;

33. empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.

34. Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho romela kgotso lefatsheng; ha ke a tla ho romela kgotso, empa e le lerumo.

35. Hobane ke tlile ho fapanya motho le ntatae, moradi le mmae, ngwetsi le matsala yona;

36. le bafo ba motho e tla ba dira ho yena.

37. Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;

38. mme ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntshwanele.

39. Ya bolokang bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla be a bo bone.

40. Ya le amohelang o a nkamohela; mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.

Mattheu 10