1. Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.
2. Abrahama a tswala Isaaka; Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo a tswala Juda le banababo;
3. Juda a tswala Farese le Sara, ka Thamare; Farese a tswala Esrome; Esrome a tswala Arame;
4. Arame a tswala Aminadabe; Aminadabe a tswala Naasone; Nasone a tswala Salmone;
5. Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;
6. Jese a tswala morena Davida.
7. Morena Davida a tswala Salome, ka mosadi wa Uria; Salomone a tswala Roboame; Roboame a tswala Abia; Abia a tswala Asa;
8. Asa a tswala Josafate; Josafate a tswala Jorame; Jorame a tswala Osiase;
9. Osiase a tswala Jothame; Jothame a tswala Akase; Akase a tswala Esekiase;
10. Esekiase a tswala Manasse; Manasse a tswala Amone; Amone a tswala Josiase;
11. Josiase a tswala Jekonia le banababo, mohla Bajuda ba iswang kgolehong Babilona.
12. Jekonia a tswala Salathiele, ha setjhaba se se se isitswe Babilona; Salathiele a tswala Sorobabele;
13. Sorobabele a tswala Abiude; Abiude a tswala Eliakime; Eliakime a tswala Asore;
14. Asore a tswala Sadoke; Sadoke a tswala Akime; Akime a tswala Eliude;
15. Eliude a tswala Eleasare; Eleasare a tswala Matthane; Matthane a tswala Jakobo;
16. Jakobo a tswala Josefa, monna wa Maria eo Jesu, ya bitswang Kreste, a tswetsweng ke yena.
17. Mme jwale, ho qala ka Abrahama, ho isa ho Davida, meloko yohle ke meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa kgolehong ya Babilona, ke meloko e leshome le metso e mene; mme hape, ho tloha kgolehong ya Babilona ho isa ho Jesu Kreste, ke meloko e leshome le metso e mene.