28. Yare ha Jesu a kene tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa ba nnotshi, ba re: Rona ha re a ka ra tseba keng ho leleka motemona eo?
29. A re ho bona: Mofuta oo ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.
30. Ha ba tloha moo, ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha a ka tsejwa ke motho.
31. Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho; ba tla mmolaya, mme hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
32. Empa ba se ke ba utlwisisa taba eo, mme ba tshaba ho mmotsa.
33. Ba fihla Kapernauma. Ha ba le tlung, Jesu a ba botsa, a re: Le ne le tsekisana ka dife tseleng?
34. Empa ba kgutsa, hobane tseleng, ba ne ba tsekile hore na e moholo ho bona ke mang.
35. Hobane a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Ha e mong a rata ho ba wa pele, e tla ba ya kamorao ho bohle le mohlanka wa bohle.
36. Yaba o nka ngwana, a mmea hara bona, mme ha a mo sikile, a re ho bona:
37. E mong le e mong ya amohelang e mong wa bana ba jwalo, ka lebitso la ka, o amohela nna; mme e mong le e mong ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.
38. Jwale Johanne a bua le yena, a re: Moruti, re bone e mong ya sa re lateleng a leleka batemona ka lebitso la hao, mme re mo hanetse, kahobane a sa re latele.
39. Empa Jesu a re: Le se ke la mo hanela; hobane ha ho motho ya ka phakisang a mpolela hampe, ha a entse mohlolo ka lebitso la ka.
40. Hobane ya sa re lwantsheng, o a re emela.
41. E mong le e mong ya le nosang mohope wa metsi ka lebitso la ka, kahobane le le ba Kreste, kannete ke re ho lona: Ha a ka ke a timellwa ke moputso wa hae.
42. Haele ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumetseng ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, a lahlelwe lewatleng.
43. Letsoho la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le tsohane, e seng ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi;
44. moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.
45. Leoto la hao ha le o dihela, o le kgaole; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena bophelong o le sehlotsa, e seng ho lahlelwa diheleng, mollong o sa timeng, o ena le maoto a mabedi;
46. moo seboko sa bona se sa shweng, le mollo o sa timeng.