Mareka 7:4-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hape, leha ba etswa moo ho rekelwang teng, ha ba je ha ba sa ka ba tola pele. Ho sa na le mekgwa e mengata e meng eo ba e nkileng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, le dipitsa, le merifi ya koporo, le malao.

5. Bafarisi le bangodi ba botsa Jesu ke hona, ba re: Ana barutuwa ba hao ha ba ye keng ka mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe ka matsoho a sa hatlelwang?

6. A ba araba, a re ho bona: Esaia o ne a porofete hantle bakeng sa lona, lona baikaketsi, kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa dipelo tsa bona di hole le nna.

7. Empa ba ntshebelletsa lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.

8. Hobane le tlohela molao wa Modimo, le tle le boloke mekgwa eo batho ba e neaneng, e leng hlatsuo ya dipitsa le ya mehope, mme le etsa tse ngata tse jwalo.

9. A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.

10. Hobane Moshe o itse: Hlonepha ntatao le mmao, mme ya buang hampe le ntatae, leha e le mmae, a bolawe.

11. Athe lona le re: Ha ho molato leha motho a re ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, e se e le korbane (ke ho re, neo e etsetswang Modimo);

12. mme ha le sa mo dumella ho etsetsa ntatae kapa mmae letho.

13. Le fosisa lentswe la Modimo jwalo ka mokgwa wa lona oo le o neanang, mme le etsa le tse ding tse ngata tse jwalo.

14. Yare hobane a biletse bongata bohle ho yena, a re ho bona: Mmameleng kaofela, le utlwisise:

15. Ha ho letho le kantle ho motho le ka tsebang ho mo silafatsa, ha le kena ka ho yena; empa tse tswang ka ho motho, ke tsona tse mo silafatsang.

16. Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.

Mareka 7