Mareka 7:20-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. A ba a re: Tse tswang ka ho motho, ke tsona tse silafatsang motho.

21. Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,

22. le dikutso, le takatso ya leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a tadimang hampe, le dinyefolo, le boikgohomoso, le bohlanya.

23. Manyala ao wohle a tswa kahare, mme ke wona a silafatsang motho.

24. Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;

25. hobane mosadi e mong eo ngwanana wa hae a kenweng ke moya o ditshila, o ne a mo utlwile, mme a tla, a kgumama maotong a hae.

26. Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiro-Fenisia. A mo rapela hore a leleke motemona, a tswe ho moradi wa hae.

27. Empa Jesu a re ho yena: Lesa bana ba kgore pele; hobane ha ho hotle ho amoha bana bohobe, ho bo akgella dintjanyana.

Mareka 7