18. Athe Johanne o ne a itse ho Heroda: Ha ho lokele hoba o be le mosadi wa ngwaneno.
19. Herodiase o ne a hloile Johanne ke hona, mme o ne a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa;
20. hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.
21. Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaodi ba sekete, le baholo ba Galelea, mokete wa tswalo ya hae,
22. moradi wa Herodiase eo a kena, a etsa tjhao, a kgahlisa Heroda le ba dutseng dijong le yena. Morena a re ho morwetsana: Kopa ntho eo o e ratang, ke tla o fa yona.
23. A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.
24. Yaba morwetsana o tswa, a ya re ho mmae: Ke tla kopang na? Eo a re: Kopa hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
25. Morwetsana a phakisa a kena ka mafolofolo ho morena, a kopa, a re: Ke rata ho fuwa ke wena, hona jwale, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.
26. Morena a swaba haholo, a mpa a tshaba ho hana ho yena ka baka la kano ya hae le la ba dutseng dijong le yena.
27. A phakisa a roma mohlabani, a mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Yaba mohlabani o ya, a mo kgaola hlooho teronkong;
28. a tlisa hlooho ya hae ka mokeke, a e nea morwetsana, mme morwetsana a e nea mmae.
29. Barutuwa ba Johanne, ha ba utlwa, ba ya, ba nka setopo sa hae, mme ba se bea lebitleng.