Mareka 2:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Jesu a lemoha kapele, ka moya wa hae, hobane ba hopotse jwalo ka ho bona, mme a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?

9. Na haele ho re ho ya omeletseng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na?

10. Jwale — hore le tsebe hoba Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho:

11. Ke re ho wena: Tloha o eme, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

12. A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo!

13. Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta.

14. Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.

15. Yare ha Jesu a dutse dijong, tlung ya Levi, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae; hobane batho ba ne ba le bangata, mme ba ne ba mo latela.

16. Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona?

Mareka 2