Mareka 2:13-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jesu a boela a tloha, a ya nqa lewatleng, mme bongata bohle ba ya ho yena, mme a ba ruta.

14. Eitse ha a iphetela, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena; Ntatele. Yaba Levi o ema, a mo latela.

15. Yare ha Jesu a dutse dijong, tlung ya Levi, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae; hobane batho ba ne ba le bangata, mme ba ne ba mo latela.

16. Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona?

17. Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.

18. Barutuwa ba Johanne le ba bafarisi ba ne ba itima dijo, mme ba tla ho Jesu, ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne le ba bafarisi ba itimelang dijo, kanthe barutuwa ba hao ha ba itime tsona?

19. Jesu a re ho bona: Na balekane ba monyadi ba ka itima dijo, ha monyadi a sa le ho bona na? Ba ke ke ba itima dijo, monyadi a sa le ho bona.

20. Empa nako e tla tla, eo monyadi a tla tloswa ho bona; mohlang oo ba tla itima dijo.

21. Ha ho motho ya rokellang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, setsiba se setjha se ka hahola ho tsofetseng, sa eketsa taboho.

22. Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, hobane veine e ntjha e ka phatlola makuka, mme veine ya tsholoha, le ona makuka a timela; empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha.

23. Ka tsatsi le leng, e neng e le la Sabatha, yare ha a feta hara masimo, barutuwa ba hae ba qala ho kga diqwapi ba ntse ba tsamaya.

24. Bafarisi ba re ho yena: Bona, ba etsetsang ka Sabatha ho sa dumellwang.

25. Jesu a re ho bona: Hleka ha le eso ho bale ho entsweng ke Davida, mohla a hlokang dijo, a lapile le bao a nang le bona;

26. kamoo a neng a kene tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a sa lokelang ho jewa, haese ke baprista ba nnotshi, a ba a fa le ba nang le yena?

Mareka 2