Mareka 1:26-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena.

27. Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.

28. Mme lebitso la Jesu la phakisa la tuma ka nqa tsohle naheng ya Galelea.

29. Nakong eo, Jesu a tswa sinagogeng, a ya le Jakobo le Johanne tlung ya Simone le Andrease.

30. Mohwehadi wa Simone o ne a robetse malaong, a jewa ke febere, mme ba phakisa ba mmolela ho Jesu.

31. Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.

32. Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona.

33. Motse kaofela wa bokana pela monyako.

34. A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.

35. Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.

36. Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla.

37. Yare ha ba mmona, ba mmolella, ba re: Bohle ba o batla.

38. Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.

39. A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.

40. Motho ya jewang ke lepera a tla ho Jesu, a mo rapela, a kgumama ka mangwele pela hae, a re: Ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.

41. Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale.

42. Yare ha a boletse jwalo, lepera la hla la tloha ho motho eo, mme a ntlafala.

43. Jesu a mo laya ka matla, a ntoo mo kgutlisa kapele;

44. a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.

45. Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.

Mareka 1