1. Ke bona boporofeta ba lentswe la Jehova le rometsweng Iseraele ka Malakia:
2. Ke le ratile, ho bolela Jehova; mme le re: O re ratile kang? — Ha ke re, Esau e ne e le ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova; jwale, ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mo hloile;
3. ke sentse dithaba tsa hae, le lefa la hae ke le neile diphokojwe tsa lefeella.
4. Leha Edomo a ka re: Re thumakantswe; empa re tla kgutla, re be re tsose masupi a senyehileng ... Jehova wa makgotla o re: Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa, mme ba tla bitswa naha ya bokgopo, le setjhaba seo Jehova a se halefelang kamehla.
5. Mahlo a lona a tla ho bona, mme le tla re: Jehova o moholo hodima naha ya Iseraele?
6. Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?
7. Le hlahisa sejo se sebe aletareng ya ka, mme le re: Re o hlompholotse kang? Ke ha le re: Tafole ya Jehova e a nyatseha.
8. Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.
9. Jwale he, rapelang sefahleho sa Modimo, hore o re hauhele! Taba eo ha e entswe ke lona, na o tla le hlokomela na? Ho botsa Jehova wa makgotla.