Luka 7:37-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.

38. A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.

39. Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.

40. Jesu a mo araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke o bolellang sona. A re: Bua, moruti.

41. Morui o ne a le teng ya nametsweng ke batho ba le babedi; e mong o ne a namile ka didenare tse makgolo a mahlano, e mong ka tse mashome a mahlano.

42. Yare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babedi. Ako bolele hore ke ofe ho bona ya tla mo rata haholo.

43. Simone a mo araba, a re: Nka re: Ke ya tloheletsweng ho hoholo. Jesu a re ho yena: O ahlotse hantle.

Luka 7