17. Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme seotlo sa hae o tla se fiela ruri; o tla bokella koro modikong wa hae; haele mooko, o tla o tjhesa mollong o sa timeng.
18. A nna a ba kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella setjhaba Evangeli.
19. Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse,
20. a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong.
21. Yare ha batho bohle ba kolobetswa, Jesu a kolobetswa le yena; ha a ntse a rapela, lehodimo le phetlwa,
22. mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se bonahalang se jwaloka sa leeba; mme lentswe la tswa lehodimong, la re: O Mora ka ya ratwang; ke kgahliswa ke wena.
23. Jesu o ne a batla ho ba le dilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta. Ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora wa Josefa, wa Heli,
24. wa Mathate, wa Levi, wa Melki, wa Janai, wa Josefa,
25. wa Matathia, wa Amose, wa Nahume, wa Esli, wa Naggai,