15. hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.
16. Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona;
17. mme le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.
18. Empa qoba leha e le nngwe ya moriri wa dihlooho tsa lona, e ke ke ya timela.
19. Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.
20. Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.
21. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng; ba hara Jerusalema ba tswe; ba naheng ba se ke ba kena teng.
22. Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngodilweng di phethahale.