Luka 21:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Jesu a ntse a tadima, a bona barui ba nokelang dimpho tsa bona polokelong ya letlotlo.

2. A bona le mosadi wa mohlolohadi ya fumanehileng a nokela ditjheletana tse pedi.

3. A re: Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi eo ya fumanehileng, o noketse ho feta ba bang bohle;

4. hobane bao kaofela ba noketse dikabelong tsa Modimo, ba nkile ho tlallweng ha bona; kanthe enwa seo a se noketseng o se nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.

5. Ba bang ha ba ntse ba bolela tempele, ba re, e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dikabelo, a re:

Luka 21