Luka 15:6-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Mme ha a fihla hae, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.

7. Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.

8. Kapa mosadi ke ofe ya nang le didrakema tse leshome, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane?

9. Mme ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetswe ke yona.

10. Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.

11. Le hona a re: Motho wa horeng o ne a na le bara ba babedi.

12. E monyenyane wa bona a re ho ntatae: Ntate, mphe karolo ya letlotlo eo e tla ba ya ka. Mme a ba arolela dintho tsa hae.

13. Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.

14. Eitse hobane a qete tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo; mme a qala ho hloka.

15. A ya tholwa ke e mong wa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ya hae ho alosa dikolobe.

16. O ne a lakatsa ho kgorisa mpa ya hae ka makgapetla a jewang ke dikolobe; empa o ne a sa fuwe ke motho.

17. Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!

18. Ke tla tsoha, ke ye ho ntate; mme ke tla re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena;

19. ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao; o nketse ya jwaloka e mong wa bahlanka ba hao.

20. Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.

21. Empa mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao.

22. Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;

23. mme le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle.

24. Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.

25. Empa mora wa hae e moholo o ne a le naheng; eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utlwa dipina le mehobelo.

Luka 15