Luka 13:33-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Empa e ka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane, le kamoso; hobane ha ho lokele hore moporofeta a bolawe kantle ho Jerusalema.

34. Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!

35. Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le lesupi; mme kannete ke a le bolella, ke re: Ha le ka ke la hlola le mpona, ho be ho fihle mohla le tla re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena.

Luka 13