16. Mme mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, ya bofilweng ke Satane dilemo di se di le leshome le metso e robileng meno e le mmedi, o ne a sa tshwanele keng ho lokollwa tlamong eo ka letsatsi la Sabatha na?
17. A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.
18. A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?
19. O tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae; ya mela, ya eba sefate se seholo, mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.
20. A boela a re: Mmuso wa Modimo ke tla o tshwantsha kang?
21. O tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, ho fihlela ha e kokomohile kaofela.
22. Jesu a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.
23. E mong a re ho yena: Morena, hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na? A re ho bona:
24. Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.
25. Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.
26. Etlaba hona le qalang ho re: Re kile ra ja, ra ba ra nwa re ena le wena, mme o rutile diterateng tsa metse ya rona.
27. Mme o tla re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke le tsebe hore na le ba hokae; ntloheleng, lona bohle ba etsang ho sa lokang.
28. Ke moo ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, mme lona la lahletswe ntle.
29. Ba tla tswa botjhabela, le bophirimela, le leboya le borwa, mme ba tla dula dijong mmusong wa Modimo.
30. Mme bonang, ba morao ba teng bao e tla ba ba pele, mme ba pele ba teng bao e tla ba ba morao.
31. Ka tsatsi lona leo, ha tla bafarisi ba bang ho yena, ba re ho yena: Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.
32. A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, mme ke sa fodisa batho kajeno le hosasane; mme ka la boraro ke ya phetheha.
33. Empa e ka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane, le kamoso; hobane ha ho lokele hore moporofeta a bolawe kantle ho Jerusalema.
34. Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!