Luka 13:15-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa Morena a mo araba, a re: Baikaketsi! na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla kgomo ya hae, leha e le esele ya hae sejelong ka Sabatha, a tle a e ise ho nwa na?

16. Mme mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, ya bofilweng ke Satane dilemo di se di le leshome le metso e robileng meno e le mmedi, o ne a sa tshwanele keng ho lokollwa tlamong eo ka letsatsi la Sabatha na?

17. A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.

18. A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?

19. O tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae; ya mela, ya eba sefate se seholo, mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.

20. A boela a re: Mmuso wa Modimo ke tla o tshwantsha kang?

21. O tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, ho fihlela ha e kokomohile kaofela.

22. Jesu a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.

23. E mong a re ho yena: Morena, hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na? A re ho bona:

24. Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.

25. Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.

Luka 13