Levitike 13:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.

3. Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.

4. Empa ha setlapedi se sesweu se sa bonahale hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o sa ka wa sweufala, moprista o tla kwalla mobabi tlung ka matsatsi a supileng.

5. Ka letsatsi la bosupa, moprista o tla se tadimisisa, mme ha a bona hobane bohloko bo ntse bo le jwalo, bo sa ka ba keka letlalong, moprista o tla boela a mo kwalle tlung la bobedi, ka matsatsi a supileng;

6. moprista o tla boela a tadime ka letsatsi la bosupa, mme ha a bona hobane leqeba le sobane, mme ha le a ka la keka letlalong, moprista o tla mmolela hore o hlwekile; ke setlapedi feela; a ke a hlatswe diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.

7. Empa ekare ha a ne a se a itlhahisitse ho moprista hore a bolelwe hoba o hlwekile, mme setlapedi se boetse se kekile letlalong, o tla boela a itlhahise ho moprista.

8. Moprista o tla boela a mo tadimisise, mme ha setlapedi se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke lona lepera.

9. Ekare ha motho a jewa ke bohloko ba lepera, o tla iswa ho moprista.

10. Moprista o tla mo tadimisisa. Ha kokobalo e tshweu e le teng letlalong, e sweufaditseng mohwete, mme hodima kokobalo eo ho bonahala nama e petohileng,

11. ke lepera le meletseng letlalong la mmele wa hae; moprista o tla mmolela hore o sesila; a ke ke a mo kwalla tlung, hobane o se a le sesila.

12. Empa ekare ha lepera le hlaha hohle jwaloka lekgopho le apesitseng letlalo kaofela la mobabi, ho nka hloohong ho isa maotong, hohle moo moprista a ka tadimang teng,

Levitike 13