7. Bara ba moprista Aarone ba tla bea mollo hodima aletare, ba lokise patsi hodima mollo.
8. Bara ba Aarone, baprista, ba tla lokisa ditho tseo, hlooho le mafura, hodima patsi e beilweng hodima mollo o aletareng.
9. Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
10. Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.
11. O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
12. Jwale o tla tshela ditho tsa yona, hammoho le hlooho le mafura a yona, mme moprista o tla di lokisa hodima patsi e beilweng aletareng, hodima mollo.