13. Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?
14. Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?
15. Molaodi wa makgotla a Jehova a re ho Joshua: Rola dieta tsa hao maotong a hao, etswe nqalo eo o emeng ho yona e kgethehile. Mme Joshua a etsa jwalo.