Joshua 3:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.

2. Kamora tshiu tse tharo, balaodi ba feta hara diahelo,

3. ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.

Joshua 3