Joshua 21:17-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Lelokong la Benjamine, ke Gibeone le meraka ya wona, le Geba le meraka ya wona;

18. Anathothe le meraka ya wona, le Almone le meraka ya wona: metse e mene.

19. Metse yohle ya baprista, bana ba Aarone, ke metse e leshome le metso e meraro le meraka ya yona.

20. Haele ba matlo a bana ba Kehathe, e leng Balevi ba setseng ba bana ba Kehathe, ba laolelwa metse ya bona lelokong la Efraime.

Joshua 21