Joshua 18:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Nqa bophirimela, moedi o ya pele, ebe o leba nqa borwa ho tloha thabeng e pela Bethe-Horone, nqa borwa o ye ho fella pela Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, motse wa bana ba Juda; ke moedi ka nqa bophirimela.

15. Nqa borwa, o tloha phellong ya Kiryathe-Jearime; moedi o ntoo fetela nqa bophirimela, o ya mohloding wa metsi a Nefthowa.

16. Moedi o ntoo theosetsa nkong ya thaba e pela kgohlo ya mora Hinnome e sekgutlong sa Barefaime, nqa leboya; o boela o theosa kgohlo ya Hinnome mabapa le Bajebuse, nqa borwa: jwale, o theosetsa Ene-Rogele.

17. O ya pele nqa leboya, o fetela Ene-Shemeshe o ntoo fetela Gelilothe o mabapa le moepa wa Adummime; o boela o theosetsa lefikeng la Bohane, mora Rubene.

18. O ntoo fetela pele ho ya mabapa le lehwatata nqa leboya; teng o theosetsa lehwatateng.

19. Jwale, moedi o fetela ho ya mabapa le Bethe-Hogla, nqa leboya, mme moedi o ya fella koung ya leboya ya Lewatle la Letswai, makenellong a Jordane nqa borwa: ke oo moedi wa borwa.

20. Jordane ke moedi wa teng nqa botjhabela.Ke lona lefa la bana ba Benjamine ka meedi ya lona ka nqa tsohle, ka matlo a bona.

21. Metse ya leloko la Benjamine ka matlo a bona ke Jeriko, Bethe-Hogla, Emeke-Ketsitse,

Joshua 18