Joshua 13:21-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. le metse yohle e ka lehwatateng, le mmuso wohle wa Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, eo Moshe a neng a mo hlotse, yena le dikgosana tsa Midiane e e leng Evi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, bao e neng e le batho ba Sihone, ha ba ntse ba ahile fatsheng leo.

22. Baalame, mora Beore, senohe, le yena o ne a bolailwe ka lerumo ke bana ba Iseraele, hara ba bang ba bolailweng.

23. Moedi wa bana ba Rubene e ne e le Jordane, lebopong la yona. Ke lona lefa la bana ba Rubene, ka matlo a bona; ke yona metse le metsana ya bona.

24. Moshe o ne a neile leloko la Gade lefa, e leng bana ba Gade, ka matlo a bona.

25. Naha ya bona e ne e le Jaesere, le metse yohle ya Gileade, le sekoto sa naha ya bana ba Ammone, ho isa Aroere, o maloka le Rabba;

26. le ho tloha Heshbone ho isa Ramathe-Mitspa le Bethonime; le ho tloha Mahanaime, ho isa moeding wa Debire.

Joshua 13