Joshua 13:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;

12. le mmuso wohle wa Oge, Bashane, ya neng a busa Ashtarothe le Edrei, ya neng a setse wa Barefaime; Moshe o ne a ba hlole, a ba a ba leleka.

13. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba ka ba leleka Bageshure, leha e le Bamaakathe; Bageshure le Bamaakathe ba ahile Iseraeleng ho fihlela kajeno.

14. Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.

15. Moshe o ne a se a abetse leloko la bana ba Rubene lefa, ka matlo a bona.

Joshua 13